TSEBISO YA MMUSO
LEFAPHA LA BOPHELO BO BOTLE
MOLAO WA BOIKGETHELO BA HO NTSHA MPA WA 1996 (MOLAO WA NO. YA 92 WA 1996)
Letona la Bophelo bo Botle, ho ya ka karolo ya 3 ya Molao wa Boikgethelo ba Ho Ntsha
Mpa wa 1996 (Molao wa No. ya 92 wa 1996), le kgetha sebaka se boletsweng
Shejulung e le seo ho tla ntshuwa mpa ho sona ho ya ka Molao.
Ditlhaloso
Shejulung ena lentswe lefe kapa lefe kapa polelo efe kapa efe eo ho fanweng ka moelelo o itseng Molaong e tla ba le moelelo oo, mme ka ntle ha eba se ngotsweng se hlaloswa ka tsela e nngwe-
ho fihlella? ho hlaloswa ho fihlellwa ha dintho tse ka sebediswang ka ntle ho hore dintho tsena di be teng sebakeng seo;
phaposi ya ho buela? ho bolelwa yuniti ya ho buela e nang le disebediswa tsohle tsa ho sebediswa ha anasetetiki le ho sebedisana le mathata a ka bang teng ka lebaka la anasetetiki;
Molao? ho bolelwa Molao wa Boikgethelo ba Ho Ntsha
Mpa wa 1996 (Molao wa No. ya 92 wa 1996)
Ditlhoko tse tlamehang ho phethwa dibakeng tsa setjhaba le tsa poraevete e le hore di kgethwe e le disebediswa tsa ho ntsha mpa jwalo ka ha ho rerilwe karolong ya 3 ya Molao
Sebaka sefe kapa sefe sa setjhaba le sa poraevete sa bophelo se tlameha ho ba le tse latelang e le hore se tle se kgethwe e le sebaka sa ho ntsha mpa se ka bang teng ho ya ka karolo ya 3 ya Molao:
a Ho fihlella basebetsi ba meriana le baoki;
b ho fihlella phaposi ya ho buela;
c sesebediswa se loketseng sa ho bua;
d meriana e entelwang mmeleng le mesifeng;
f ho fihlellwa ha transeporoto e loketseng ha ho na le lebaka la ho lebisa mokudi ka tshohanyetso sebakeng se seng;
g dibaka le disebediswa tsa ho hlahloba ho ya ka tliliniki le ho fihlella disebedisweng tse kenngwang mokuding;
h mehato e loketseng ya taolo ya tshwaetso;
i ho fihlellwa ha motheo wa mokgwa o bolokehileng wa ho lahlwa ha dikgwerekgwere; le j mekgwa ya ho buisana ka founu.
Sebaka
Sebaka se latelang sa poraevete sa bophelo bo botle se kgotsofatsa ditlhoko tse ngotsweng serapeng sa 2, mme jwale se kgethwa e le sebaka se nahannweng karolong ya 3 ya Molao:
LETONA LA BOPHELO BO BOTLE
